1 Marena 9:3-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.

4. Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,

5. teng ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao Iseraeleng kamehla, jwalokaha ke boleletse ntatao Davida, ka re: Ha o ka ke wa hloka motho teroneng ya Iseraele.

6. Empa ekare ha le mphuralla, lona, kapa bana ba lona, le sa boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, le empa le ya, le sebeletsa medimo esele, le e kgumamela,

7. teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.

8. Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?

9. Mme ho tla thwe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bona, ya ntshitseng bontata bona naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse: ke ka baka leo Jehova a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.

10. Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.

11. Jwale, kahobane Hirame, morena wa Tire, a ne a thusitse Salomone ka dikedare le ka dikiprese le ka kgauta, kahohle kamoo a lakaditseng kateng, morena Salomone a abela Hirame metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea.

12. Empa mohla Hirame a tlohang Tire, a tla bona metse eo Salomone a mo abetseng yona, ha e a ka ya mo kgahla.

13. A re: Tjhe, ngwaneso, metse eo ke e jwang eo o nkabetseng yona? Ebile o e rea naha ya Kabule (eka ke lefeela) ho fihlela letsatsi la kajeno.

14. Hirame o ne a rometse ho morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta.

15. Ke tsena taba tsa ba hlwailweng, ba kileng ba memuwa ke morena Salomone ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya hae, le Millo, le lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Meggido, le Gesere.

16. Faro, morena wa Egepeta, o ne a futuhile; a nka Gesere, a o tjhesa, a bolaya Bakanana ba ahileng motseng a o nea moradi wa hae, mosadi wa Salomone, e be serwala sa hae.

17. Salomone a boela a haha Gesere, le Bethe-Horone ya katlase;

18. le Baalathe, le Thadmore, feelleng, naheng ya hae;

19. le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse ya makoloi, le metse ya bakalli, le tseo Salomone a ithatetseng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.

20. Haele bohle ba setseng ba Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se bana ba Iseraele,

21. e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.

22. Salomone a mpa a se ke a kgetha makgoba hara bana ba Iseraele; ya eba bahlabani, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le balaodi ba makgotla a hae, le batsamaisi ba makoloi a hae, le bakalli ba hae.

1 Marena 9