1 Marena 9:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Faro, morena wa Egepeta, o ne a futuhile; a nka Gesere, a o tjhesa, a bolaya Bakanana ba ahileng motseng a o nea moradi wa hae, mosadi wa Salomone, e be serwala sa hae.

17. Salomone a boela a haha Gesere, le Bethe-Horone ya katlase;

18. le Baalathe, le Thadmore, feelleng, naheng ya hae;

19. le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse ya makoloi, le metse ya bakalli, le tseo Salomone a ithatetseng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.

20. Haele bohle ba setseng ba Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se bana ba Iseraele,

21. e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.

22. Salomone a mpa a se ke a kgetha makgoba hara bana ba Iseraele; ya eba bahlabani, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le balaodi ba makgotla a hae, le batsamaisi ba makoloi a hae, le bakalli ba hae.

23. Haele ba lebelang mosebetsi wa Salomone, ba laelang batho ba sebetsang mosebetsi oo, ya eba banna ba makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.

24. Moradi wa Faro hoba a tlohe motseng wa Davida, a kena tlung ya hae eo a e hahetsweng; ke mohlang oo Millo e hahilweng.

25. Hararo ka selemo, Salomone o ne a hlahisa mahlabelo a ditjheso le mahlabelo a teboho aletareng eo a e hahetseng Jehova, a tjhesa dibano aletareng e pela Jehova. A phetha ntlo jwalo.

26. Morena Salomone a haha sehlopha sa dikepe Etsione-Gebere, e pela Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.

27. Hirame a romela bahlanka ba hae dikepeng tseo, e le ba tsebang ho tsamaya lewatleng ka dikepe, ba tle ba tlatse bahlanka ba Salomone.

1 Marena 9