7. Hobane dikerubime di be di otlollela mapheo a tsona hodima sebaka sa areka, dikerubime di sireletsa areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.
8. Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala sehalalelong se pela sehalaledisiso, e mpa e sa bonwe ke ba kantle; e sa le hona teng le kajeno.
9. Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi, a neng a bewe teng ke Moshe, ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba tswa tloha naheng ya Egepeta.
10. Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, ntlo ya Jehova ya tlala leru;
11. baprista ba ba ba sitwa ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.
12. Yaba Salomone o re: Jehova o itse, o rata ho aha lefifing le letsho.
13. Ke fela ke o hahetse ntlo hore o ahe teng, nqalo eo o tla ba ho yona kamehla.
14. Ebile morena o reteletsa sefahleho sa hae, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele e ntse e eme,
15. a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:
16. Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
17. E ne e le kgopolo ya ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;
18. Jehova a mpa a re ho ntate Davida: Kgopolo eo ya hao ya ho hahela lebitso la ka ntlo, o fela o hopotse hantle;
19. leha ho le jwalo, hase wena ya tla haha ntlo; mora hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.
20. Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng, hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse, ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.
21. Ke entse setulo sa areka moo selekane sa Jehova se leng teng, seo a neng a se tlabole le bontata rona, mohla a ba ntshang naheng ya Egepeta.
22. Ebile Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae mahodimong,