1 Marena 8:49-59 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona.

50. O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.

51. Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.

52. Mahlo a hao a ke a ele thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya setjhaba sa hao sa Iseraele seli, hore o se utlwe ho tsohle tseo se ka di qelang ho wena.

53. Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.

54. Salomone eitse ha a qeta ho beela Jehova thapelo eo le kopo eo yohle, a tsoha pela aletare ya Jehova, moo a neng a kgumamile ka mangole, a emiseditse matsoho a hae mahodimong.

55. A ema, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele ka lentswe le phahameng, a re:

56. Ho bokwe Jehova ya phomoditseng setjhaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tseo a di boletseng; ha ho a senyeha lentswe leha le le leng la dipallo tsohle tse molemo tseo a di boletseng ka Moshe, mohlanka wa hae.

57. Jehova Modimo wa rona, ha a ke a be le rona, jwalokaha a bile le bontata rona; a se ke a re tlohela, a se ke a re furalla;

58. hore a lebisetse pelo tsa rona ho yena, re tsamaye ka tsela tsa hae tsohle, mme re boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bontata rona.

59. Mantswe ana a ka ao ke rapetseng Jehova ka wona, ha a ke a be pela Jehova, Modimo wa rona, motshehare le bosiu, a tle a tiise taba tsa mohlanka wa hae, le taba tsa setjhaba sa hae sa Iseraele, e nngwe le e nngwe ka tsatsi le o loketseng.

1 Marena 8