34. o ke o mamele o le mahodimong, mme o leselle setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng bontata sona.
35. Etlare ha mahodimo a thibane, pula e sa ne ka baka la hobane ba o sitetswe, ha ba rapela nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,
36. o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.
37. Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa ho le phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotsetsa lefatsheng la metse ya bona; leha ho hlahile lefu le befang, leha e le pabo efe le efe;
38. leha e ka ba mang le mang hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la pelo ya hae, mme a otlollela nqa tlung ena matsoho a hae,
39. o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;
40. hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona.
41. Hape, moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang lefatsheng le hole ka baka la lebitso la hao,
42. hobane baditjhaba ba tla fela ba utlwe lebitso la hao le leholo, le letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng — ha a ka tla, a rapela tlung ena;
43. o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.
44. Enore setjhaba sa hao, ha se futuhela dira tsa sona, se ya ka tsela efe le efe eo o tla se roma ka yona, mme se rapela Jehova, se tadimile nqa motseng ona oo o o kgethileng, le ka nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;
45. o mamele thapelo ya sona le kopo ya sona, o le mahodimong, mme o se emele nyeweng ya sona.
46. Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;
47. ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;
48. ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;
49. o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona.
50. O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.
51. Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.