23. a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.
24. O tiiseditse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o neng o mmaletse sona; o ne o buile le ka molomo wa hao, mme o phethile tsohle ka letsoho la hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
25. Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.
26. Oho, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale jwale polelo ya hao eo o neng o e bolelle ntate Davida, mohlanka wa hao.
27. Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!
28. Leha ho le jwalo, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae, Jehova, Modimo wa ka; o mamele mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a rapelang pela hao ka yona kajeno.
29. Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.
30. Mamela diqelo tsa mohlanka wa hao le tsa setjhaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nqalong ena; o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao; o mamele, o be o tshwarele.
31. Etlare motho ha a sitetswe wa habo, mme a tlangwa ka kano, hore a hlapanye ka yona; ha a etla, a hlapanya pela aletare ena tlung ena,
32. o ke o utlwe, o le mahodimong, o etse, o ahlolele bahlanka ba hao, ka ho tswa ya molato, o busetse hodima hae ka metsamao ya hae, mme o bolele ya lokileng, o be o mo putse ka ho loka ha hae.
33. Mohla setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwang ke dira tsa sona, kahobane se o sitetswe, ha se ka sokolohela ho wena, sa rorisa lebitso la hao, sa rapela, sa qela ho wena tlung ena,
34. o ke o mamele o le mahodimong, mme o leselle setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng bontata sona.
35. Etlare ha mahodimo a thibane, pula e sa ne ka baka la hobane ba o sitetswe, ha ba rapela nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,