1 Marena 7:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. A etsetsa terone eo a tla ahlolela ho yona mathule a bitswang mathule a kahlolo; a kata fatshe hohle ho wona ka kedare.

8. Ntlo eo a tla phela ho yona, e leng lebaleng le leng, kamora mathule, ya etswa ka mokgwa o le mong. Salomone a hahela le moradi wa Faro eo a mo nyetseng ntlo e kang mathule ao.

9. Matlo ao kaofela a hahuwa ka majwe a hlokwang, a betlilweng ka tekano ya teng, a sagilweng ka disaga, kahare le kantle, ho qala ka motheo ho isa sehlohlolong, le ho tloha kantle ho isa lebaleng le leholo.

10. Motheo ya eba wa majwe a hlokwang, e le majwe a matonanahadi, majwe a ditswe tse leshome, le majwe a ditswe tse robileng meno e le mmedi.

11. Kahodima wona, ha hahuwa ka majwe a hlokwang, e le majwe a betlilweng ka tekano ya wona, le ka dikedare.

12. Lebala le leholo le neng le pota matlo la teelwa hare ka majwe a kolohantsweng ka boraro, a betlilweng, le ka lethathamo la difate tsa kedare, kamoo ho neng ho entswe kateng le lebaleng le hare la ntlo ya Jehova, le mathuleng a ntlo.

1 Marena 7