31. A etsetsa monyako wa sehalaledisiso mamati a mohlwaare a bulwang hare, fate tse hodimo le tse mahlakoreng tsa nka karolo ya bohlano ya lebota.
32. Mamati a mabedi a etswa ka mohlwaare; teng a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dipalesa tse thuntseng, a di maneha ka kgauta; a maneha le dikerubime le dipalema ka kgauta.
33. A ntoo etsetsa monyako wa tempele difate tsa mohlwaare, tse nkang karolo ya bone ya lerako.
34. Menyako e mmedi ya etswa ka kiprese; mamati a mabedi a monyako o mong a bulelwa kahohle, le mamati a mabedi a monyako o mong a bulwa jwalo le wona.
35. A betla teng dikerubime, le dipalema, le dipalesa tse thuntseng, a di kwahela ka kgauta e manehilweng hodima ditshwantsho.