1 Marena 3:21-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Hosasa ha ke tsoha, ke re ke anyesa mora wa ka, ka bona a se a timetse; empa ha ke mo qamakisisa hosasa, ka bona e se mora ka eo ke mo tswetseng.

22. Mosadi e mong a re: Tjhe, enwa ya phelang ke mora ka; ya timetseng ke mora hao. Teng, wa pele a fetola, a re: Tjhe, ya timetseng ke mora hao, mora ka ke ya phelang. Ba buisana jwalo pela morena.

23. Morena a re: E mong o re: Ya phelang ke mora ka; mme mora hao ke ya shweleng; wa bobedi o mo fetola, o re: Tjhe, mora hao ke ya shweleng, ya phelang ke mora ka.

24. Yaba morena o re: Ntlisetseng sabole. Ba tlisetsa morena sabole.

25. Morena a re: Petsolang ngwana ya phelang kalehare, le nee mosadi e mong mokgekgetho o mong, e mong a nke mokgekgetho o mong.

26. Empa mosadi eo ngwana ya phelang e leng wa hae, a sehwa ke mala ka baka la ngwana hae, mme a bolella morena, a re: Oho, monga ka, ha ho mpe ho newe enwa ngwana ya phelang, a se ke a bolawa. Empa e mong a re: E ke ke ya eba wa ka, leha e le wa hao; a petsolwe.

27. Yaba morena o fetola, a re: Neang eo ngwana ya phelang, a se ke a bolawa; efela ke mmae.

28. Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.

1 Marena 3