10. Polelo eo ya kgahlisa Morena, hobane Salomone a kopile taba eo.
11. Modimo wa re ho yena: Erekaha o kopile taba eo, o sa ka wa ikopela matsatsi a mangata, leha e le lefumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o mpa o ikopetse kelello ya ho tseba ho ahlola,
12. bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.
13. Ke o nea le seo o sa kang wa se kopa, lefumo le kganya, mme ho ke ke ha eba morena le ya mong ya tla ba ka ka wena ka matsatsi wohle a hao.
14. Hape, ha o tsamaya tseleng tsa ka, o boloka taelo tsa ka le melao ya ka, kamoo ntatao Davida a tsamaileng kateng, ke tla atisa matsatsi a hao.
15. Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.
16. Ha ntoo tla ho morena basadi ba babedi ba diotswa, ba ema pela hae.
17. E mong mosadi a re: Oho, monga ka, re dutse ntlo e le nngwe le mosadi enwa; ka itshihlolla tlung, eo a le teng.
18. Ha feta matsatsi a mararo ke itshihlolotse, le mosadi enwa a itshihlolla; re ne re le hammoho, ho se motho osele ka tlung, e le rona ba babedi feela ka tlung.
19. Yaba ngwana wa mosadi enwa o timela bosiu, hobane mmae a mo pitlile.
20. A tsoha bosiu bo boholo, a tlosa mora wa ka pela lehlakore la ka, lekgabunyane la hao le sa robetse, mme a mo robatsa sefubeng sa hae, a mpa a bea mora hae ya timetseng sefubeng sa ka.