1 Marena 22:29-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ebile morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba futuhela Ramothe-Gileade.

30. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Ebile morena wa Iseraele o ikgakanya, a ya ntweng.

31. Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

32. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha, empa Josafate a meketsa.

33. Balaodi ba makoloi, ha ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.

34. Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.

35. Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.

36. Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.

37. Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.

38. Koloi ya hae ya hlatsuwa letsheng la Samaria, moo diotswa di tolang, mme dintja tsa nyeka madi a hae, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

39. Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

1 Marena 22