25. Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo, mohla o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate.
26. Yaba morena wa Iseraele o re: Tshwarang Mikea, le mo ise ho Amone, mong a motse, le ho Joase, mora morena,
27. le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.
28. Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.
29. Ebile morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba futuhela Ramothe-Gileade.
30. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Ebile morena wa Iseraele o ikgakanya, a ya ntweng.
31. Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.
32. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha, empa Josafate a meketsa.
33. Balaodi ba makoloi, ha ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.
34. Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.
35. Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.
36. Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.
37. Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.
38. Koloi ya hae ya hlatsuwa letsheng la Samaria, moo diotswa di tolang, mme dintja tsa nyeka madi a hae, jwalokaha Jehova a ne a boletse.