9. Mangolo ao o ne a ngodile, a re: Bolelang letsatsi la ho itima dijo, le bee Nabothe kapele ho setjhaba;
10. le bee le banna ba babedi, bara ba Beliale, mabapa le yena, ba mo qose, ba re: O nyefotse Modimo le morena. Le ntoo mo isa kantle, le mo tlepetse ka majwe, a shwe.
11. Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.
12. Ba bolela letsatsi la ho itima dijo, ba bea Nabothe kapele ho setjhaba.
13. Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.
14. Jwale, ba romela ho Jesebele, ba re: Nabothe o tlepeditswe, o shwele.
15. Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.
16. Akabe, ha a utlwa hobane Nabothe o shwele, a tloha, a theohela tshimong ya merara ya Nabothe wa Jisreele, a e nka.