1. Kamora tseo, ha bo ho le Nabothe wa Jisreele, ya nang le tshimo ya merara Jisreele, haufi le ntlo ya borena ya Akabe, morena wa Samaria.
2. Akabe a botsa Nabothe, a re: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e etse tshimo ya meroho, hobane e haufi le ntlo ya ka; bakeng sa yona ke tla o nea tshimo ya merara e e fetisang; kapa ha o rata, ke tla o nea tjhelete e lekaneng ho e reka.
3. Nabothe a re ho Akabe: Ka Jehova, ha nka ke ka o nea lefa la bontate.
4. Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.
5. Jesebele, mosadi wa hae, a tla ho yena, a re: Na pelo ya hao e ntsho keng? Ha o je bohobe keng?
6. A re ho yena: Ke kahobane ke buile le Nabothe wa Jisreele, ka re ho yena: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e reke ka tjhelete, kapa ha o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya merara bakeng sa yona; o mpa a itse ho nna: Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya merara.
7. Ebile Jesebele, mosadi wa hae, o re ho yena: Ha ke re, ke wena ya renang Iseraeleng kajeno? Tsoha, o je bohobe, pelo ya hao e thabe; ke nna ke tla o nea tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele.
8. A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.
9. Mangolo ao o ne a ngodile, a re: Bolelang letsatsi la ho itima dijo, le bee Nabothe kapele ho setjhaba;
10. le bee le banna ba babedi, bara ba Beliale, mabapa le yena, ba mo qose, ba re: O nyefotse Modimo le morena. Le ntoo mo isa kantle, le mo tlepetse ka majwe, a shwe.
11. Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.
12. Ba bolela letsatsi la ho itima dijo, ba bea Nabothe kapele ho setjhaba.
13. Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.
14. Jwale, ba romela ho Jesebele, ba re: Nabothe o tlepeditswe, o shwele.
15. Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.
16. Akabe, ha a utlwa hobane Nabothe o shwele, a tloha, a theohela tshimong ya merara ya Nabothe wa Jisreele, a e nka.