1 Marena 20:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ebile o re ho manqosa a Ben-Hadade: Le tsebise morena, monga ka, le re: Tsohle tseo o rometseng pele ho di botsa ho nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tla di etsa; haele tsena, ke a sitwa. Manqosa a tloha, a ya tsebisa Ben-Hadade.

10. Ben-Hadade a romela hape ho yena, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha lerole la Samaria le ka lekana diatla tsa setjhaba kaofela se ntatelang.

11. Empa morena wa Iseraele a mo fetola, a re: Ya hlomelang dihlomo a se ke a ithorisa, jwaloka ya di rolang.

12. Ben-Hadade ha a utlwa lentswe leo, a le ditenteng, a enwa le marena, a re ho bahlanka ba hae: Itokiseng. Mme ba itokisetsa ho lwantsha motse.

13. Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.

14. Akabe a re: E tla ba ka mang? Eo a re: Jehova o itse: E tla ba ka bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha. Akabe a re: Ke mang ya tla qala ho lwana? A re: Ke wena.

15. Jwale, a bala bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha, ya eba batho ba makgolo a mabedi a mashome a mararo a metso e mmedi, a bala le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ya eba batho ba kete tse supileng.

16. Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.

17. Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa, ba eba sehloohong. Ben-Hadade a romela; a tsebiswa, ha thwe: Ho tsoile batho Samaria.

18. A re: Leha ba ka tla ka tsa kgotso, ba tshwareng ba sa utlwa; ha ba tla ka tsa ntwa, le teng le ba tshware ba sa utlwa.

19. Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa hae, ba lateletswe ke makgotla kaofela.

20. Ba bolaya mong ka mong monna wa hae; Basiria ba baleha, Baiseraele ba ba ba ba phallela; Ben-Hadade yena, morena wa Siria, a baleha ka pere le bapalami ba bang.

21. Le morena wa Iseraele a tswa hae, a qhala bapalami le ba makoloing, a bolaya Basiria ba bangatangata.

1 Marena 20