5. Manqosa a boela a tla ho Akabe, a re: Ben-Hadade o re: Kamoo ke rometseng ho wena kateng, ka re: O nnee silefera ya hao, le kgauta ya hao, le basadi ba hao, le bana ba hao;
6. hosasane, ha ho le jwalo, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba batlisise tlung ya hao le matlung a bahlanka ba hao, mme tsohle tse o kgahlang, ba tla di nka ka matsoho a bona, ba ye le tsona.
7. Morena wa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha, a re: Utlwang, le tsebe hobane monna eo o rata ho hlahisa kotsi; hobane o rometse ho batla ho nna basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka; mme ha ke a ka ka mo hanela le letho.
8. Baholo bohle le setjhaba sohle ba re ho yena: O se ke wa mo mamela, o se ke wa dumela.
9. Ebile o re ho manqosa a Ben-Hadade: Le tsebise morena, monga ka, le re: Tsohle tseo o rometseng pele ho di botsa ho nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tla di etsa; haele tsena, ke a sitwa. Manqosa a tloha, a ya tsebisa Ben-Hadade.
10. Ben-Hadade a romela hape ho yena, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha lerole la Samaria le ka lekana diatla tsa setjhaba kaofela se ntatelang.
11. Empa morena wa Iseraele a mo fetola, a re: Ya hlomelang dihlomo a se ke a ithorisa, jwaloka ya di rolang.