27. Le bana ba Iseraele ba balwa, ba newa mefaho, ba ya ba kgahlanyetsa; bana ba Iseraele ba emisa mabapa le bona, ba le ka ka mehlatswana e mmedi ya dipodi. Basiria bona ba thibile naha.
28. Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.
29. Ba hlola ba emellane jwalo, ka ditshiu tse supileng; ka la bosupa ya kopana; bana ba Iseraele ba bolaya Basiria ba dikete tse lekgolo ka tsatsi le le leng, e le ba tsamayang ka maoto.
30. Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng.Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.
31. Yaba bahlanka ba hae ba re ho yena: Re utlwile ha ho thwe: Marena a ntlo ya Iseraele ke marena a mosa; a re itlameng matheka ka masela a mahwashe, re rwale dithapo hloohong, re ye ho morena wa Iseraele; ekaba o tla o tlohela o phele.
32. Ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba rwala dithapo hloohong, ba tla ho morena wa Iseraele, ba re: Mohlanka wa hao, Ben-Hadade, o re: O ntlohele ke phele. Akabe a re: Na o sa phela na? Ke ngwaneso.
33. Banna bao ba lekanya eka ke taba e molemo; ba phakisa ba nka polelo eo ya hae, ba re: Ben-Hadade ke ngwaneno. A re: Eyang, le mo late. Ben-Hadade a tswela ho yena; mme Akabe a re: a kene koloing ya hae.
34. Ben-Hadade a re: Metse eo ntate a e amohileng ntatao ke tla e busa; o tla iketsetsa diterata Damaseka, jwalokaha ntate a ne a iketseditse Samaria. Akabe a re: Ke tla o tlohela o ikele ka baka la selekane sena. Yaba o tlabola selekane le yena, a mo tlohela a ikela.
35. Ebile e mong wa bara ba baporofeta o re ho molekana hae, ka taelo ya Jehova: Ako nkotle. Motho eo a hana ho mo otla.
36. Eo a re: Kahobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, etlare o sa tloha ho nna, tau e tla o bolaya. Yare a sa tloha ho yena, tau ya mo fihlela, ya mmolaya.
37. A fihlela e mong, a re: Ako nkotle; mme motho eo a mo otla, a mo ntsha leqeba.
38. Moporofeta a ntoo ya lebella morena tseleng, a ikentse osele ka ho itlama ka lesela mahlong.
39. Ha morena a feta, a hoeletsa ho morena, a re: ke le mohlanka wa hao, ke be ke ile ntweng, mme ka bona motho a kgeloha, a tlisa motho ho nna, a re: Boloka motho enwa; ha a ka thoba, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, kapa o lefe ka talenta ya silefera.