1 Marena 20:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.

2. A romela manqosa ho Akabe, morena wa Iseraele, motseng, a re ho yena: Ben-Hadade o re:

3. Silefera ya hao ke ya ka, le kgauta ya hao; basadi ba hao le bana ba hao ba batle le bona ke ba ka.

4. Morena wa Iseraele a re: Ho jwalokaha o boletse, morena, monga ka; ke wa hao le tsohle tseo ke nang le tsona.

5. Manqosa a boela a tla ho Akabe, a re: Ben-Hadade o re: Kamoo ke rometseng ho wena kateng, ka re: O nnee silefera ya hao, le kgauta ya hao, le basadi ba hao, le bana ba hao;

6. hosasane, ha ho le jwalo, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba batlisise tlung ya hao le matlung a bahlanka ba hao, mme tsohle tse o kgahlang, ba tla di nka ka matsoho a bona, ba ye le tsona.

7. Morena wa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha, a re: Utlwang, le tsebe hobane monna eo o rata ho hlahisa kotsi; hobane o rometse ho batla ho nna basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka; mme ha ke a ka ka mo hanela le letho.

1 Marena 20