1 Marena 2:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Haele bana ba Barsillai wa Gileade, o ba etsetse ka lereko, ba dule le ba jang tafoleng ya hao; hobane ba tlile ho nna ka lereko, mohla ke balehelang ngwaneno Absalome.

8. Hape, o na le Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime; ke yena ya kileng a nthohaka ka hlapa e bohloko, mohla ke yang Mahanaime. Empa eitse ha ke kgutla, a theoha ho nkgahlanyetsa Jordane; teng, ka mo hlapanyetsa ka Jehova, ka re: Nke ke ka o bolaya ka lerumo.

9. Mme jwale, o se ke wa mo etsa ya se nang molato, hobane o motho ya masene, mme o ka tseba seo o ka mo etsang sona, hore o theosetse lebitleng moriri wa hae o moputswa o le madi.

10. Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.

11. Tshiu tseo Davida a kileng a busa Iseraele e bile dilemo tse mashome a mane; a busa Hebrone ka dilemo tse supileng, mme a busa Jerusalema ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro.

12. Yaba Salomone o dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tiya haholoholo.

13. Mohlang oo, Adonija, mora Haggithe, a tla ho Bathe-Sheba, mmae a Salomone. Yena a mmotsa, a re: Na o tlile ka kgotso na? A araba, a re: E, ke tlile ka kgotso.

14. A eketsa a re: Ke tlile ho wena ka taba. Bathe-Sheba a re: Bua.

15. Adonija a re: O a tseba hoba mmuso e be e le wa ka, le hobane Baiseraele bohle ba ne ba ntadimile hore ke buse; empa mmuso o fetohile, o abetswe ngwaneso, kahobane e bile wa hae ka taelo ya Jehova.

16. Jale, ke tla qela ntho e le nngwe ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Bathe-Sheba a re ho yena: E bolele.

17. Adonija a re: Ere ho morena Salomone, ya sa keng a o hanela le letho, o re, a nnee Abishage wa Shuneme e be mosadi wa ka.

18. Bathe-Sheba a re: Ke hantle, ke tla o buella ho morena.

19. Jwale, Bathe-Sheba a ya ho morena Salomone, ho buella Adonija; morena a ema, a mo kgahlanyetsa, a inama pela hae, a ntoo dula teroneng ya hae, a beela mma morena setulo, a re, a dule letsohong la hae le letona.

20. Bathe-Sheba a re: Ke qela nthwana e seng ekae ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Morena a mo araba, a re: Mme, qela, hobane nke ke ka o latolela.

1 Marena 2