1 Marena 2:28-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Yaba Joabe o utlwa taba tseo, hobane Joabe o ne a latetse Adonija, leha a ne a sa ka a latela Absalome; Joabe a tshabela tenteng ya Jehova, a tshwara dinaka tsa aletare.

29. Morena Salomone a tsebiswa, ha thwe: Joabe o tshabetse tenteng ya Jehova; ke eo, o aletareng. Salomone a roma Benaia mora Jehojada, a re ho yena:

30. Eya, o mmolaye. Benaia a kena tabernakeleng ya Jehova, a re ho Joabe: Ho itswe ke morena: O tswele ntle. Joabe a re: Tjhe, ke tla mpe ke shwele mona. Benaia a ya tsebisa morena, a re: Joabe o buile jwalo, o arabile ka hore le ka hore.

31. Morena a re ho yena: Etsa kamoo a boletseng kateng, o mmolaye, o mo epele; etlaba o tlositse ho nna le tlung ya ntate madi a se nang molato a tsholotsweng ke Joabe.

32. Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.

33. Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.

34. Yaba Benaia, mora Jehojada, o ya, a hlaba Joabe, a mmolaya, mme a patwa ka tlung ya hae e feelleng.

35. Morena a bea Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla tulong tsa hae; morena a bea le moprista Tsadoke tulong tsa Abiathare.

36. Jwale, morena a romela ho bitsa Shimei, a re ho yena: Ikgahele ntlo Jerusalema, o dule teng; o se ke wa tloha teng ho ya mane le mane;

37. hobane mohla o tlohang, o tshela molapo wa Kedrone, o tle o tsebe hobane o tla shwela ruri; mme madi a hao a tla ba hloohong ya hao.

38. Shimei a re ho morena: O boletse hantle; mohlanka wa hao o tla etsa kamoo morena, monga ka, a boletseng kateng. Mme Shemei a dula matsatsi a mangata Jerusalema.

39. Eitse hobane ho fete dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba balehela ho Akishe, mora Maaka, morena wa Gathe. Shimei a tsebiswa, ha thwe: Bahlanka ba hao ke bane, Gathe.

1 Marena 2