15. Adonija a re: O a tseba hoba mmuso e be e le wa ka, le hobane Baiseraele bohle ba ne ba ntadimile hore ke buse; empa mmuso o fetohile, o abetswe ngwaneso, kahobane e bile wa hae ka taelo ya Jehova.
16. Jale, ke tla qela ntho e le nngwe ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Bathe-Sheba a re ho yena: E bolele.
17. Adonija a re: Ere ho morena Salomone, ya sa keng a o hanela le letho, o re, a nnee Abishage wa Shuneme e be mosadi wa ka.
18. Bathe-Sheba a re: Ke hantle, ke tla o buella ho morena.
19. Jwale, Bathe-Sheba a ya ho morena Salomone, ho buella Adonija; morena a ema, a mo kgahlanyetsa, a inama pela hae, a ntoo dula teroneng ya hae, a beela mma morena setulo, a re, a dule letsohong la hae le letona.
20. Bathe-Sheba a re: Ke qela nthwana e seng ekae ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Morena a mo araba, a re: Mme, qela, hobane nke ke ka o latolela.
21. A re: Ngwaneno Adonija a ke a newe Abishage wa Shuneme, e be mosadi wa hae.
22. Morena Salomone a araba mmae, a re: O qellelang Adonija Abishage wa Shuneme? Ha o mo qelle mmuso keng, hobane ke moholwane wa ka? O qelle yena le moprista Abiathare, le Joabe mora Tseruja!
23. Yaba morena Salomone o hlapanya ka Jehova, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha Adonija a sa lefe ka bophelo ba hae taba eo a e boletseng.
24. Ke se ke re: Ka Jehova ya utlwang, ya ntiisitseng, ya ntudisitseng teroneng ya ntate Davida, ya nkgahetseng ntlo, kamoo a neng a boletse kateng, ruri Adonija, o tla bolawa kajeno.