1. Nako ya ho falla ha Davida ha e se e atametse, a laela mora hae Salomone, a re:
2. Ke ya ka tsela ya batho bohle; o iphe matla, o etse ka senna.
3. O boloke taelo ya Jehova, Modimo wa hao, ka ho tsamaya tseleng tsa hae, o ye le ka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le mantswe a hae, le ditemoso tsa hae, kamoo di ngodilweng kateng, molaong wa Moshe, e be hore o tle o atlehe ditabeng tsohle tseo o tla di etsa, le hohle moo o tla leba teng.