36. Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.
37. Nkutlwe, Jehova, o nkutlwe, hore setjhaba sena se tle se tsebe hobane ke wena, Jehova, o leng Modimo, le hobane o boetse o kgutlisitse dipelo tsa bona.
38. Yaba mollo wa Jehova wa theohela, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majwe, le lerole, wa monya le metsi a ka moeding.
39. Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!
40. Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.
41. Yaba Elia o re ho Akabe: Nyoloha, o je, o nwe, hobane ho utlwahala modumo wa pula e kgolo.
42. Akabe a nyoloha ho ja le ho nwa, Elia yena a hlwella hodima Karmele; a inama fatshe, a bea sefahleho sa hae pakeng tsa mangole a hae.
43. A re ho mohlanka wa hae: Ako nyolohe, o tadime ka nqa lewatleng. A nyoloha, a tadima, a re: Ha ho letho. Elia a re: Boella hasupa.
44. La bosupa, a re: Ke bona lerunyana le ka ka seatla sa motho, le nyoloha lewatleng. Elia a re: Nyoloha, o re ho Akabe: Bofa, o theohe, esere mohlomong wa thibellwa ke pula.
45. Ho se hokae, mahodimo a ntshofala ke maru le ke moya, ha na pula e kgolo.
46. Akabe a kena koloing, a ya Jisreele. Letsoho la Jehova la eba hodima Elia: a itlama letheka, a titima pela Akabe ho ya fihla kgorong ya Jisreele.