3. Akabe a bitsa Obadia, molebedi wa ntlo ya borena; haele Obadia, o ne a tshaba Jehova haholo.
4. Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.
5. Akabe a re ho Obadia: Eya le naha didibeng tsohle tsa metsi le melatswaneng yohle; mohla ope re ka fumana jwang, re pholose dipere le diesele, esere ra timellwa ke diphoofolo tsohle.
6. Ebile ba arolelana naha ho ya le yona yohle; Akabe a ya a nnotshi ka tsela e nngwe, le Obadia a ya a nnotshi ka tsela esele.
7. Obadia ha a le tseleng, a bona Elia a mo kgahlanyeditse; a mo tseba, a inama ka sefahleho, a re: A ke wena Elia, monga ka, na?
8. Yena a re: Ke nna; eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa.
9. Obadia a re: Ke entse sebe sefe, ha o neela mohlanka wa hao matsohong a Akabe, hore a mpolaye?
10. Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.
11. Jwale, o bolela, o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa.
12. Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.
13. Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?
14. Mme jwale o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa! Ruri o tla mpolaya!
15. Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.
16. Ebile Obadia o ya kgahlanyetsa Akabe, a mo tsebisa; mme Akabe a tla ho kgahlanyetsa Elia.
17. Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?
18. Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.
19. Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.
20. Ebile Akabe o romela ho bana bohle ba Iseraele, a bokella le baporofeta thabeng ya Karmele.