26. Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.
27. Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.
28. Ba howeletsaka, mme ka mokgwa wa bona, ba itlhabaka ka dithipa le ka marumo, madi a ba a keleketla ho bona.
29. Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.
30. Yaba Elia o re ho setjhaba sohle: Nkatameleng! Setjhaba sohle sa mo atamela. A tsosa aletare ya Jehova e heleditsweng.
31. Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.
32. Ka majwe ana, a haha aletare ka lebitso la Jehova, a tjheka moedi o potang aletare, o lekanang sebaka se ka jalwang ka peo e ditekanyo tse pedi.
33. A tshekahanya patsi, a pomahanya poho, a e bea hodima patsi, a re: Tlatsang dinkgo tse nne ka metsi, le tshele sehlabelo le patsi ka wona.
34. A ba a re: Phetang la bobedi. Ba boela ba etsa. A re: Phetang la boraro. Ba etsa la boraro.