1 Marena 18:12-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.

13. Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?

14. Mme jwale o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa! Ruri o tla mpolaya!

15. Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.

16. Ebile Obadia o ya kgahlanyetsa Akabe, a mo tsebisa; mme Akabe a tla ho kgahlanyetsa Elia.

17. Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?

18. Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.

19. Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.

20. Ebile Akabe o romela ho bana bohle ba Iseraele, a bokella le baporofeta thabeng ya Karmele.

21. Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.

1 Marena 18