1 Marena 17:4-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. O tla nwa molatswaneng; ke se ke laetse makgwaba hore a nne a o fepe teng.

5. A tloha, a etsa ka taelo ya Jehova, a ya dula molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

6. Makgwaba a nna a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa, bohobe le nama mantsiboya; o ne a enwa metsi a molatswana.

7. Ha isaisa, molatswana wa epsha, kahobane pula e be e sa ne lefatsheng.

1 Marena 17