11. Ha a a lata, a mo kopa hape, a re: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe ka letsoho la hao.
12. Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.
13. Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.
14. Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Phofo e ka pitseng ha e ka ke ya fela, le ole e ka sehong ha e ka ke ya fela, ho be ho fihle letsatsi leo Jehova a tla nesa pula lefatsheng.
15. A ya, a etsa ka polelo ya Elia. Elia, le mosadi, le ntlo ya hae, ba eja ka matsatsi.
16. Phofo e ka pitseng ha e a ka ya fela, le ole e ka sehong ha e a ka ya fela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Elia.
17. Kamora tseo, mora mosadi, mong a ntlo, a kula; bohloko ba mo totela haholo, ha ba ha fela moya ka ho yena.
18. Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?
19. Elia a re ho yena: Nnee mora hao. Elia a mo nka sefubeng sa hae, a mo isa phaposing e kahodimo, moo a dulang teng, a mo robatsa diphateng tsa hae.
20. A howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo wa ka, ho ya kang, ha o hlahiseditse mosadi enwa wa mohlolohadi, eo ke dulang ha hae, kotsi, ka ho bolaya mora hae?