1 Marena 17:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.

2. Yaba lentswe la Jehova le tlela Elia, la re:

3. Tloha mona, o ye nqa botjhabatsatsi, o ipate molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

4. O tla nwa molatswaneng; ke se ke laetse makgwaba hore a nne a o fepe teng.

5. A tloha, a etsa ka taelo ya Jehova, a ya dula molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

6. Makgwaba a nna a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa, bohobe le nama mantsiboya; o ne a enwa metsi a molatswana.

7. Ha isaisa, molatswana wa epsha, kahobane pula e be e sa ne lefatsheng.

8. Yaba lentswe la Jehova le tlela Elia, la re:

9. Tloha, o ye Sarepta wa Sidone, o dule teng; bona, ke laetse mosadi wa mohlolohadi wa teng hore a o fepe.

10. Ebile o tloha, a ya Sarepta; ha a kena ka kgoro ya motse, a bona teng mosadi wa mohlolohadi ya rwallang patsi; a mmitsa, a re: Ako ntlisetse metsana ka mohope, ke nwe.

11. Ha a a lata, a mo kopa hape, a re: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe ka letsoho la hao.

12. Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.

1 Marena 17