1 Marena 16:21-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibini, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.

22. Empa ba latetseng Omri ba hlola ba latetseng Thibni, mora Ginathe; yaba Thibni o a shwa, mme Omri ya eba morena.

23. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa, morena wa Juda, Omri a qala ho busa Iseraele; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi; a busa ka tse tsheletseng a le Thirtsa.

24. A reka thaba ya Samaria ho Semere, ka silefera e talenta tse pedi, a ba a haha thabeng, a bitsa motse oo a o hahileng Samaria ka lebitso la Semere, mong a thaba.

25. Omri a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa hampe le ho fetisa bohle ba neng ba bile pele ho yena.

26. A ya ka mehlala yohle ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka sebe seo a sebisitseng Baiseraele ka sona, Jehova, Modimo wa Iseraele, a tle a halefiswe ke diketso tsa bona tsa bosawana.

27. Haele taba tse ding tsa Omri, le matla ao a entseng ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

28. Omri a ntoo orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme mora hae Akabe ya eba morena tulong tsa hae.

29. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi sa Asa, morena wa Juda, Akabe, mora Omri, a qala ho busa Iseraele. Akabe, mora Omri, a busa Iseraele ka lemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a le Samaria.

30. Akabe, mora Omri, a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova le ho fetisa bohle ba bileng pele ho yena.

31. A etsa jwaloka eka ho bile honyenyane ho ya ka dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, a tlodisa ka ho nyala Jesebele, moradi wa Ethebaale, morena wa Basidone, a ya, a sebeletsa Baale, a mo kgumamela.

32. A etsetsa Baale aletare, tlung ya Baale eo a e hahileng Samaria.

33. Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashtarothe, mme Akabe a etsa tse halefisang Jehova, Modimo wa Iseraele, ho fetisa marena wohle a Iseraele a bileng pele ho yena.

1 Marena 16