1 Marena 16:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Haele taba tse ding tsa Ela le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

15. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda, Simri a qala ho busa, a busa tshiu tse supileng Thirtsa.Ke ha setjhaba se ne se lwantsha Gibbethone wa Bafilesta.

16. Setjhaba se lwantshang Gibbethone, eitse ha se utlwa ho thwe: Simri o fetohetse morena, o mmolaile tsatsing lona leo, Baiseraele bohle ba diahelong ba bea Omri, molaodi wa makgotla, e be morena wa Iseraele.

17. Yaba Omri o tloha Gibbethone, a ena le Baiseraele bohle, ba ya thibella Thirtsa.

18. Simri, ha a bona hoba motse o ya kenwa, a kena qhobosheaneng ya ntlo ya borena, a itjheseletsa tlung ya morena, a shwa.

19. A shwa ka baka la dibe tseo a sitilweng ka tsona, kamoo a kileng a etsa ho leng hobe kateng, mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame le ka sebe seo a sitilweng ka sona, a ba a sebisa le Baiseraele.

20. Haele ditaba tse ding tsa Simri, le kamoo a fetohetseng Ela kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

21. Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibini, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.

22. Empa ba latetseng Omri ba hlola ba latetseng Thibni, mora Ginathe; yaba Thibni o a shwa, mme Omri ya eba morena.

23. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa, morena wa Juda, Omri a qala ho busa Iseraele; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi; a busa ka tse tsheletseng a le Thirtsa.

24. A reka thaba ya Samaria ho Semere, ka silefera e talenta tse pedi, a ba a haha thabeng, a bitsa motse oo a o hahileng Samaria ka lebitso la Semere, mong a thaba.

25. Omri a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa hampe le ho fetisa bohle ba neng ba bile pele ho yena.

1 Marena 16