1 Marena 16:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. E ne e le ka baka la dibe tsohle tsa Baesha, le tsa mora hae Ela, tseo ba sitilweng ka tsona, ba ba ba sebisa le Baiseraele, ba halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka diketso tsa bona tsa bosawana.

14. Haele taba tse ding tsa Ela le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

15. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda, Simri a qala ho busa, a busa tshiu tse supileng Thirtsa.Ke ha setjhaba se ne se lwantsha Gibbethone wa Bafilesta.

16. Setjhaba se lwantshang Gibbethone, eitse ha se utlwa ho thwe: Simri o fetohetse morena, o mmolaile tsatsing lona leo, Baiseraele bohle ba diahelong ba bea Omri, molaodi wa makgotla, e be morena wa Iseraele.

17. Yaba Omri o tloha Gibbethone, a ena le Baiseraele bohle, ba ya thibella Thirtsa.

18. Simri, ha a bona hoba motse o ya kenwa, a kena qhobosheaneng ya ntlo ya borena, a itjheseletsa tlung ya morena, a shwa.

19. A shwa ka baka la dibe tseo a sitilweng ka tsona, kamoo a kileng a etsa ho leng hobe kateng, mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame le ka sebe seo a sitilweng ka sona, a ba a sebisa le Baiseraele.

20. Haele ditaba tse ding tsa Simri, le kamoo a fetohetseng Ela kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

21. Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibini, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.

22. Empa ba latetseng Omri ba hlola ba latetseng Thibni, mora Ginathe; yaba Thibni o a shwa, mme Omri ya eba morena.

23. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa, morena wa Juda, Omri a qala ho busa Iseraele; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi; a busa ka tse tsheletseng a le Thirtsa.

1 Marena 16