1 Marena 15:8-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Abijame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Asa, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

9. Asa a qala ho busa Juda ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Jeroboame, morena wa Iseraele.

10. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Absalome.

11. Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, jwaloka ntatae Davida.

12. A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.

13. Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.

14. Haele nqalo tse diphahameng, ha a ka a di tlosa; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya nna ya kgomarela Jehova hantle tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.

15. Hape, a tlisa ka tlung ya Jehova tse kgethetsweng Modimo ke ntatae le yena, silefera le kgauta le dipitsa.

16. Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.

17. Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda; a haha Rama, hore ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.

18. Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

19. Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao; bona, ke rometse mpho ya silefera le kgauta ho wena; tloo, o kgaole selekane sa lona le Baesa, morena wa Iseraele, hore a tle a ntlohele.

20. Ben-Hadade a utlwa morena Asa; a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele; a kena Ijone, Dane, Abele-Bethe-Maaka, le naha yohle ya Kinnerothe, le naha yohle ya Nefthali.

21. Baesha, eitse ha a utlwa, a lesela ho haha Rama, a ya dula Thirtsa.

22. Yaba morena Asa o mema Bajuda bohle, ho se ke ha siuwa le a mong; ba ya, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona; morena Asa a haha Geba wa Benjamine le Mitspe ka tsona.

1 Marena 15