1 Marena 15:23-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Haele taba tse ding tsa Asa, le matla a hae, le tsohle tse entsweng ke yena, le metse eo a e hahileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Boqhekung ba hae, a jewa ke maoto.

24. Asa a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa ntatae Davida; mme mora hae, Josafate, ya eba morena tulong tsa hae.

25. Haele Nadabe, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele ka selemo sa bobedi sa Asa, morena wa Juda; a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.

26. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka sebe sa hae seo a sebisitseng Iseraele ka sona.

27. Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.

28. Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.

29. Ha e se e le morena, a bolaya ba ntlo yohle ya Jeroboame, a se ke a siya le a mong ya phelang ha Jeroboame, a ba a ba qeta, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae Akija wa Silo.

30. E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.

1 Marena 15