1 Marena 14:23-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.

24. Ho ne ho le le Basodoma naheng eo, ba etsa ka manyala wohle a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.

25. Ka selemo sa bohlano sa ho busa ha Roboame, Shishake, morena wa Egepeta, a futuhela Jerusalema.

26. A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.

27. Yaba morena Roboame o etsa dithebe tsa koporo bakeng sa tsona, a di neela balaodi ba dititimi tsa hae tse lebelang monyako wa ntlo ya morena.

28. Enere mohla morena a yang ka tlung ya Jehova, dititimi tsa hae di ne di di jara, di ntoo di busetsa kamoreng ya dititimi.

29. Haele taba tse ding tsa Roboame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

30. Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame, tshiung tsohle tsa bona.

31. Roboame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone. Abijame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

1 Marena 14