13. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo pate; hobane ke yena a nnotshi wa Jeroboame ya tla iswa lebitleng; hobane ke ho yena ho fihletsweng taba e nngwe e ntle ke Jehova, Modimo wa Iseraele, tlung ya Jeroboame.
14. Hape, Jehova o tla ipatlela morena e mong wa Iseraele, ya tla timetsa ntlo ya Jeroboame mohlang oo; ha ke sa re: hona jwale, ke ha ke tshabisang?
15. Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.
16. O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.
17. Yaba mosadi wa Jeroboame o tloha, a ikela, a tla Thirtsa; mme ha a feta sefate sa monyako wa ntlo, ngwana a shwa.
18. A patwa, mme Baiseraele bohle ba mo llela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae, moporofeta Akija.
19. Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.
20. Matsatsi ao Jeroboame e bileng morena ka wona, ya eba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi; a ntoo orohela ho bontatae, mme mora hae, Nadabe, ya eba morena tulong tsa hae.
21. Haele Roboame, mora Salomone, ya eba morena wa Juda. Roboame o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa; a busa ka lemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, motse o neng o kgethilwe ke Jehova hara metse yohle ya meloko ya Iseraele, ho bea lebitso la hae teng. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.