11. Moporofeta e mong wa leqheku o ne a ahile Bethele; mora hae a tla, a mo phetela tsohle tse hlahileng, tseo monna wa Modimo a di entseng Bethele tsatsing leo; le mantswe ao a a boleletseng morena, bara ba hae ba a phetela ntata bona.
12. Ntata bona a re ho bona: O ile ka tsela efe? Jwale bara ba hae ba ne ba bone tsela eo monna wa Modimo, ya tswang Juda, a ileng ka yona.
13. A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo! Ba mo qhanehela esele, a e kalla.
14. A latela monna wa Modimo, a mo fihlela a dutse tlasa sefate sa terebinthe. A re ho yena: Na ke wena monna wa Modimo, ya tswang Juda na? A re: E, ke nna.
15. A eketsa a re ho yena: Tloo le nna hae, o je bohobe.
16. Eo a re: Ke sitwa ho kgutla le wena, le ho fapohela ha hao, le ho ja bohobe, le ho nwa metsi le wena bakeng sena;
17. hobane ke boleletswe ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi teng; hape, leha o kgutla, o se ke wa boela ka tsela eo o ileng ka yona.
18. Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.
19. Ebile moo a kgutlang le yena, a ja bohobe, a nwa metsi.
20. Ba re ba sa dutse tafoleng, lentswe la Jehova la tlela moporofeta ya mo kgutlisitseng.
21. A memetsa monna wa Modimo, ya tswang Juda, a re: Ho thwe ke Jehova: Kahobane o ikgantsheditse taelo ya Jehova, o sa ka wa boloka molao wa Jehova, Modimo wa hao, oo a o laetseng wona,
22. o kgutlile, o bile o jele bohobe, o nwele metsi bakeng sena, seo lentswe le neng le itse ho wena: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi ho sona; ka baka leo, setopo sa hao se ke ke sa iswa lebitleng la bontatao.
23. Eitse hobane a je bohobe, a nwe, a qhanehela moporofeta eo a mo kgutlisitseng esele.
24. Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo.
25. Baeti ba fetang ba bona setopo se namaletse tseleng, le tau e eme pela setopo; ba ya, ba beha motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona.
26. Moporofeta ya neng a mo kgutlisitse tseleng, ha a utlwa, a re: Ke monna wa Modimo ya ikgantsheditseng molomo wa Jehova; Jehova o mo neetse tau; e mo harotse, e mmolaile ka lentswe le boletsweng ke Jehova.
27. A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo. Ba mo qhanehela.
28. A ya, a fumana setopo se namaletse tseleng, esele le tau di eme pela setopo; tau e ne e sa ka ya eja setopo; e ne e sa ka ya robokela le esele.