1 Marena 13:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.

2. A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.

3. A bea pontsho ka tsatsi leo, a re: Pontsho ke ena eo Jehova a e boletseng: Bonang aletare e tla petsoha, mme melora e hodima yona e tla tsholoha.

4. Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;

5. aletare ya petsoha, melora e aletareng ya tsholoha, e le pontsho eo monna wa Modimo a neng a e beile ka taelo ya Jehova.

6. Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.

7. Yaba morena o re ho monna wa Modimo: A re ye le wena hae, o je dijonyana, mme ke o nee teboho e nngwe.

8. Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena.

9. Hobane ke laetswe jwalo ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi, mme o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona.

10. Yaba o ikela ka tsela esele, a se ke a kgutla ka tsela eo a tlileng Bethele ka yona.

11. Moporofeta e mong wa leqheku o ne a ahile Bethele; mora hae a tla, a mo phetela tsohle tse hlahileng, tseo monna wa Modimo a di entseng Bethele tsatsing leo; le mantswe ao a a boleletseng morena, bara ba hae ba a phetela ntata bona.

12. Ntata bona a re ho bona: O ile ka tsela efe? Jwale bara ba hae ba ne ba bone tsela eo monna wa Modimo, ya tswang Juda, a ileng ka yona.

13. A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo! Ba mo qhanehela esele, a e kalla.

1 Marena 13