21. Roboame, ha a fihla Jerusalema, a phutha ntlo yohle ya Juda le leloko la Benjamine, e le bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robileng meno e le mmedi, ho ya lwantsha ntlo ya Iseraele, le ho busetsa mmuso wohle ho Roboame, mora Salomone.
22. Empa lentswe la Modimo la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:
23. Bolella Roboame, mora Salomone, morena wa Juda, le ntlo yohle ya Juda le ya Benjamine, le ho setseng ha setjhaba, o re:
24. Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.
25. Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.
26. Jeroboame a bua pelong ya hae, a re: Jwale, mmuso o tla boela tlung ya Davida;
27. ha setjhaba sena se ka nna sa nyoloha ho ya hlaba mahlabelo tlung ya Jehova, Jerusalema, dipelo tsa setjhaba sena di tla boela ho monga sona, Roboame, morena wa Juda; mme ba tla mpolaya, ba tle ba boele ho Roboame, morena wa Juda.
28. Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.
29. Yaba o bea e nngwe Bethele, e nngwe a e bea Dane.
30. Taba ena ya eba kgopiso, hobane setjhaba sa ya kgumamela namane, ho fihlela Dane.
31. A etsa matlo nqalong tse phahameng, a bea ba bang baprista hara setjhaba sohle, bao e seng bana ba Levi.
32. Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.
33. A hlaba mahlabelo aletareng eo a e entseng Bethele ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya boroba meno e le mmedi, e leng kgwedi eo a e hopotseng e le yena, mme a etsetsa bana ba Iseraele mokete, a hlaba mahlabelo aletareng, a tjhesa le dibano.