1 Marena 12:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. A bolela keletso ya banna ba batjha, a re: Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla le ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.

15. Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.

16. Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.

17. Haele bana ba Iseraele ba ahileng metseng ya Juda, ba buswa ke Roboame.

18. Jwale morena Roboame a roma Adorame, molaodi wa ba hlwailweng; empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa. Yaba morena Roboame o itlhahanela, a kena koloing ya hae, a balehela Jerusalema.

19. Baiseraele ba kwenehela ntlo ya Davida jwalo, ho fihlela la kajeno.

20. Yare Baiseraele bohle ha ba utlwa hore Jeroboame o boile, ba romela ho mmiletsa phuthehong; teng, ba mmea morena wa Baiseraele bohle, ho se leloko le latetseng ntlo ya Davida, haese la Juda le nnotshi.

21. Roboame, ha a fihla Jerusalema, a phutha ntlo yohle ya Juda le leloko la Benjamine, e le bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robileng meno e le mmedi, ho ya lwantsha ntlo ya Iseraele, le ho busetsa mmuso wohle ho Roboame, mora Salomone.

22. Empa lentswe la Modimo la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:

23. Bolella Roboame, mora Salomone, morena wa Juda, le ntlo yohle ya Juda le ya Benjamine, le ho setseng ha setjhaba, o re:

24. Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.

25. Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.

26. Jeroboame a bua pelong ya hae, a re: Jwale, mmuso o tla boela tlung ya Davida;

27. ha setjhaba sena se ka nna sa nyoloha ho ya hlaba mahlabelo tlung ya Jehova, Jerusalema, dipelo tsa setjhaba sena di tla boela ho monga sona, Roboame, morena wa Juda; mme ba tla mpolaya, ba tle ba boele ho Roboame, morena wa Juda.

28. Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.

1 Marena 12