1. Kamora tseo, Roboame a ya Sikeme, hobane Baiseraele bohle ba ne ba bokanetse Sikeme ho mmea morena.
2. Eitse Jeroboame, mora Nebathe, ha a utlwa — Jeroboame o ne a le Egepeta, moo a neng a balehetse teng ke ho tshaba morena Salomone, a ile ho dula Egepeta ke hona —
3. ba romela ho mmitsa; Jeroboame, ba ena le phutheho yohle ya Iseraele, ba tla, ba bolella Roboame, ba re:
4. Ntatao o re jarisitse joko e boima; ha o ka qephisa tshebetso e thata ya ntatao le joko ya hae e boima, eo a re jarisitseng yona, re tla o sebeletsa.
5. A re ho bona: A le keng le ye, ditshiu di be tharo, le ntoo boela ho nna. Mme setjhaba sa ya.
6. Ebile morena Roboame o rera le banna ba baholo, ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?
7. Ba mmolella, ba re: Ha o ka ipea mohlanka wa setjhaba sena kajeno wa ba sebeletsa, wa ba dumella, wa ba bolella mantswe a molemo, teng e tla nne e be bahlanka ba hao kamehla.
8. Empa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae.
9. A re ho bona: Lona le nkeletsa ka taba efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona, kamoo se itseng ho nna kateng: Qephisa joko eo ntatao a re jarisitseng yona?
10. Banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mo araba, ba re: E re ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o re jarisitse joko e boima, wena, o e qephise; e re ho bona: Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho letheka la ntate.
11. Ntate o le jarisitse joko e boima, nna ke tla le ekeletsa jwale; ntate yena o le otlile ka phafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.
12. Ka la boraro, Jeroboame le setjhaba kaofela ba tla ho Roboame, kamoo morena a neng a itse kateng: Le tle le boele ho nna ka la boraro.
13. Morena a fetola setjhaba ka thata, a lesa keletso eo banna ba baholo ba neng ba mo eleditse ka yona.
14. A bolela keletso ya banna ba batjha, a re: Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla le ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.