18. Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.
19. Hadade a kgahlisa Faro haholo, a nyadiswa ke yena ngwanabo mosadi wa hae, ngwanabo mofumahadi Thahepenese.
20. Ngwanabo Thahepenese a mo tswalla moshemane Genubathe, eo Thahepenese a mo kgwisitseng tlung ya Faro; Genubathe a phela hara bara ba Faro, tlung ya Faro.
21. Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.
22. Faro a re ho yena: O hlokang mona ha ka, ha o batla ho boela naheng ya heno na? A re: Ha ke hloke letho; feela, ntlohele, o mphe tsela.
23. Hape, Modimo wa tsosetsa Salomone sera se seng; ke Resone, mora Eliada, ya neng a thobe ho monga hae, Hadadesere, morena wa Tsoba.