12. Feela, nke ke ka etsa hoo o sa phela, ka baka la ntatao, Davida; ke mpa ke tla o haraswanya letsohong la mora wa hao.
13. Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.
14. Jwale, Jehova a tsosetsa Salomone sera, e le Moedomo Hadade, wa lesika la morena wa Edomo.
15. Hobane, mohla Davida a neng a futuhetse Edomo, Joabe, molaodi wa makgotla a hae, hoba a epele ditopo, a ya, a bolaya ba batona bohle ba Edomo.
16. Joabe a dula teng, a ena le Baiseraele bohle, kgwedi tse tsheletseng, a ba a phetha ho bolaya ba batona bohle ba Edomo.
17. Haele Hadade, a balehela Egepeta, a ena le Baedomo ba bang, bahlanka ba ntatae; ke ha Hadade a sa le monyenyane.
18. Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.
19. Hadade a kgahlisa Faro haholo, a nyadiswa ke yena ngwanabo mosadi wa hae, ngwanabo mofumahadi Thahepenese.
20. Ngwanabo Thahepenese a mo tswalla moshemane Genubathe, eo Thahepenese a mo kgwisitseng tlung ya Faro; Genubathe a phela hara bara ba Faro, tlung ya Faro.
21. Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.