45. Moprista Tsadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsitse Gihone hore e be morena, mme ba kgutlile teng ba thabile, motse wa ba wa dumaela ke hona; ke lona lerata leo le le utlwileng;
46. Salomone o bile o dutse teroneng ya mmuso.
47. Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae.
48. Hapehape ho itswe ke morena: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, hobane kajeno o nneile e mong, hore a dule teroneng ya ka, mahlo a ka a mmona!
49. Yaba bamemuwa bohle ba Adonija ba tshoha, ba tloha, ba ikela e mong le e mong ka tsela ya hae.
50. Adonija a tshaba Salomone; a tloha, a ya tshwara dinaka tsa aletare.
51. Salomone a tsebiswa, ha thwe: Bona, Adonija o tshabile morena Salomone; ke eo, o tshwere dinaka tsa aletare, o re: Morena Salomone a ntlhapanyetse kajeno hore a ke ke a bolaya mohlanka wa hae ka lerumo.
52. Salomone a re: Ha a ka tsamaya jwaloka motho ya kgabane, ha ho qoba le e nngwe ya moriri wa hae e tla wela fatshe; empa ha ho ka fumanwa molato ho yena, o tla shwa.
53. Ebile morena Salomone o romela ho mo theola aletareng; Adonija a tla, a inama pela morena Salomone, mme Salomone a mmolella, a re: Ikele ha hao.