3. Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena.
4. Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A boloka morena, a mo sebeletsa; empa morena a se ke a mo tseba.
5. Yaba Adonija, mora Haggithe, o ikgohomosa, a re: E tla ba nna morena. A ipatlela makoloi, le bapalami, le banna ba mashome a mahlano ba mathang pela hae.
6. Empa ntatae o ne a sa ka a mo kgalemela le ka mohla o le mong, ka ho re: O etsetsang jwalo? Hape o ne a le motle haholo; ho tswalweng, o ne a hlahlama Absalome.
7. Adonija a rera le Joabe mora Tseruja, le Abiathare moprista, ba tlatsa Adonija, ba mo latela.
8. Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.
9. Adonija a hlabaka dinku le dikgomo le tse nonneng lefikeng la Sohelethe, le pela Ene-Rogele, a bitsa banababo bohle bao e leng bara ba morena, le banna bohle ba Juda, bahlanka ba morena.
10. Haele moporofeta Nathane, le Benaia, le bahlabani, le Salomone ngwanabo, ha a ka a ba bitsa.
11. Ebile moo Nathane a bolellang Bathe-Sheba, mmae a Salomone, a re: Na ha o eso ho utlwe hore Adonija, mora Haggithe, o ipeile morena, athe Davida morena wa rona ha a tsebe?