25. Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!
26. Haele nna mohlanka wa hao, le moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le Salomone mohlanka wa hao, ha a ka a re bitsa.
27. Oho morena, mong a ka, na taba eo e tswa ho wena na, athe ha o eso ho ntsebise nna, ke leng mohlanka wa hao, hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao?
28. Yaba morena Davida o araba, a re: Mpiletseng Bathe-Sheba. A kena ka ho morena, a ema pela hae.
29. Morena a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ya nnamoletseng tsietsing tsohle,
30. kajeno ke tla etsa kamoo ke o hlapanyeditseng kateng ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka re: Kannete, Salomone mora hao e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka tulong tsa ka.
31. Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!
32. Yaba morena Davida o re: Mpiletseng moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada. Yaba ba kena ka ho morena.
33. Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;