10. Haele moporofeta Nathane, le Benaia, le bahlabani, le Salomone ngwanabo, ha a ka a ba bitsa.
11. Ebile moo Nathane a bolellang Bathe-Sheba, mmae a Salomone, a re: Na ha o eso ho utlwe hore Adonija, mora Haggithe, o ipeile morena, athe Davida morena wa rona ha a tsebe?
12. Tloo jwale, nke ke o eletse, o tle o boloke bophelo ba hao le ba mora hao Salomone.
13. Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?
14. Bona, o tla re o sa bua le morena, le nna ke tla kena kamora hao, ke tiise mantswe a hao.
15. Bathe-Sheba a kena ka ho morena, ka tlung e kahare. Morena o ne a tsofetse haholo, mme Abishage wa Shuneme o ne a ntse a sebeletsa morena.
16. Bathe-Sheba a kgumama, a inama pela morena. Morena a re: Taba ya hao ke efe?
17. A mo araba, a re: Monga ka, o ne o hlapanye ka Jehova, Modimo wa hao, wa re ho nna lekgabunyane la hao: Salomone, mora wa hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka.
18. Mme jwale, Adonija ke enwa e le morena, athe wena, morena, monga ka, ha o tsebe.
19. Adonija o bile o hlabakile, dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata, mme o bitsitse bara bohle ba morena, le moprista Abiathare, le Joabe, molaodi wa makgotla; athe ha a ka a bitsa Salomone mohlanka wa hao.
20. Oho morena, monga ka, mahlo a Baiseraele bohle a shebile wena, hore o ba tsebise hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao!
21. Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.
22. A re a sa bua le morena, ha bo ho se ho kena moporofeta Nathane.
23. Ha tsebiswa morena, ha thwe: Moporofeta Nathane ke enwa. A kena ka ho morena, a kgumama fatshe pela morena ka sefahleho.
24. Nathane a re: Morena, monga ka, hleka ke wena o itseng: Adonija e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka na?