15. Mme ha re tseba hoba o re utlwa ha re kopa eng le eng, re a tseba hoba re na le tseo re di kopileng ho yena.
16. Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe.
17. Bokgopo bohle ke sebe, mme sebe se teng se sa iseng lefung.
18. Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.
19. Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe.