1 Johanne 4:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng, hase wa Modimo; ke wona moya wa antikreste, eo le mo utlwileng hobane o ya tla, mme le jwale o se a le lefatsheng.

4. Bana, haele lona, le tswa ho Modimo, mme le ba hlotse; hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.

5. Bona ke ba lefatshe; ke ka baka leo ba bolelang tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba utlwa.

6. Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.

7. Baratuwa, a re rataneng; hobane lerato le tswa ho Modimo, mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, le hona o tseba Modimo.

8. Ya sa rateng ha a ka a tseba Modimo; hobane Modimo o lerato.

9. Lerato la Modimo ho rona le bonahetse ka hona: Modimo o romile lefatsheng Mora wa wona ya tswetsweng a le mong, re tle re phele ka yena.

10. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.

1 Johanne 4