26. Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.
27. Ba ne ba hlola bosiu pela ntlo ya Modimo, hobane ba ne ba beilwe ho lebela, mme ba ne ba na le kabelo ya ho e bula ka hosasa ho hong le ho hong.
28. Ba bang ba ne ba neilwe kabelo ya ho baballa mesebetsi e sebeletsang; ba ne ba e bala ha ba e ntsha, ba ne ba e bala ha ba e busa.
29. Ba bang ba ne ba kgethetswe ho baballa mesebetsi le diphahlo tsohle tsa sehalalelo, le lefi la phofo, le veine, le ole, le dibano, le dinoko.
30. Dibano tse tswakilweng di ne di etswa ke bara ba baprista.
31. Matthithia, wa Balevi, letsibolo la Shallume wa Bakore, o ne a beilwe ho baballa mosebetsi wa maqebekwane a phehwang paneng.
32. Banababo bona ba bang, ho Bakehathe, ba ne ba baballa mahobe a pontsha, ba a lokisa ka Sabatha e nngwe le e nngwe.
33. Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.
34. Bao e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi melokong ya bona, e ne e le dihlooho; bona ba ne ba ahile Jerusalema.
35. Gibeone, ho ne ho ahile Jeiele ntata Gibeone; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.
36. Mora hae wa letsibolo ke Abdone; bara ba hae ba bang ke Tsure, Kishe, Baale, Nere, Nadabe,
37. Gedore, Akio, Sakaria, le Miklothe.
38. Miklothe a tswala Shimeame. Le bona ba ne ba ahile Jerusalema hammoho le banababo bona, mabapa le banababo bona.
39. Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule; Saule a tswala Jonathane, Malkishua, Abinadabe, le Eshbaale.
40. Mora Jonathane ke Meribe-Baale; Meribe-Baale yena a tswala Mikea.
41. Bara ba Mikea ke Pithone, Meleke, le Thahrea.